DITOKISO TSA KOMITI YA PALAMENTE YA LEFAPHA LENA
HO
BILI YA BOLAODI YA POLOKEHO YA RALEWA YA SETJHABA
Jwalo ka ha ho dumelanwe ka yona ke Komiti ya Palamente ya Lefapha la Dipalangwang
Palamenteng
DITOKISO TSEO HO DUMELLANWENG KA TSONA
BILI YA BOLAODI YA POLOKEHO YA RALEWA YA SETJHABA
POLELWANA YA 1
Leqepheng la 5, ka morao ho mola wa 24, ho kenngwe:
iv ?mabaka a botho? mona ho hlaloswa mabaka a kenyeletsang dikgopolelo, bokgoni ba batho ba kelello le ba mmele le kamano ya batho le mosebetsi wa bona ha mmoho le tikoloho ya mosebetsi, tshusumetso eo theepa le mokgwa wa moralo di nang le yona tshebetsong ya batho makgetha a tlhophiso a nang le tshusumetso ya polokeho botshwarong ba mosebetsi;
Leqepheng la 5, moleng wa 25, ho tehelwe thoko ?sebopeho sa treke? mme se nkelwe sebaka ke ?moralo wa baahi?,
Leqepheng la 5, ho tloha moleng wa 29, ho tehelwe thoko ?thepa ya motlakase o hodimo? mme e nkelwe sebaka ke ?moralo wa treke ya motlakase?
Leqepheng la 5, moleng wa 49, ka morao ha ? jwalo ka? ho kenngwe ? tse ka kenyeletsang tlolo ya molao?
Leqepheng la 6, moleng wa 5, ka mora ?maemo? ho kenngwe ? mme ha e kenyeletse tshireletso?
Leqepheng la 6, ka morao ho mola wa 5, ho kenngwe:
xix ?tshireletso? e hlalosa bolokolohi kotsing ya ka boomo kapa tshenyehelo ya batho kapa tshenyo ya thepa;
xx ?polokeho? e hlalosa kgaello ya diketsahalo tsa ralewa, ba timelang, dikotsi kapa tshenyo tshehetsong ya ralewa;
Leqepheng la 6, moleng wa 30, ho tehelwe thoko ?molawana kapa?
Leqepheng la 6, moleng wa 38, ka mora ?e kapa efe? .
Leqepheng la 6, ho tloha moleng wa 38, ho tehelwe thoko ?e ka ntshwa kotsi kapa e ka kudisang motho
POLELWANA YA 2
Leqepheng la 6, moleng wa 53, ho tehelwe thoko ? ntlafatso? mme e nkelwe sebaka ke ? ntshetsopele ya ntlafatso? ,
POLELWANA YA 6
Leqepheng la 7, moleng wa 33, ho tehelwe thoko ? ho kenyeleditswe? mme e nkelwe sebaka ke ? ka ho ikgetha/qoholleha?.
Leqepheng la 7, moleng wa 34, ka mora ?Basebetsi? ho kenngwe ?le Lefapha la Naha la Polokeho le Tshireletso?,
POLELWANA YA 7
Leqepheng la 8, ka morao ho mola wa 55, ho kenngwe:
p ho bokeletsa le ho hasanya lesedi le mabapi le tshebetso e bolokehileng ya ralewa; le
POLELWANA YA 8
Leqepheng la 9, moleng wa 12, ho tehelwe thoko ?bokgoni bo iponahaditseng ba tsamaiso le hoba le?
Leqepheng la 9, ka morao ho mola wa 17, ho kenngwe:
v ho thothwa ha thepa e kotsi
Leqepheng la 9, ka morao ho mola wa 26, ho kenngwe:
vi Lefapha la Polokeho le Tshireletso
POLELWANA YA 14
Leqepheng la 12, moleng wa 30, ka morao ho ?Letona? ho kenngwe ?nakong ya kgwedi ya kananelo ya metsotso?
POLELWANA YA 15
Leqepheng la 12, moleng wa 40, ho tehelwe thoko ?the? e nkelwe sebaka ke ?an?
Leqepheng la 12, moleng wa 41, ka morao ho ?mokgatlo? ho kenngwe ?basebetsi ba itlhophisitseng/Mokgatlo wa basebetsi?
POLELWANA YA 18
Leqepheng la 13, moleng wa 24, ho tehelwe thoko ?Pherekgong mme e nkelwe sebaka ke ?Mmesa?
Leqepheng la 13, ho tloha moleng wa 24, ho tehelwe thoko ?Tshitwe ya selemo? mme e nkelwe sebaka ke ?Tlhakubele ya selemo se hlahlamang?
Leqepheng la 13, ho tloha moleng wa 25, ?Tshitwe selemong seo? e nkelwe sebaka ke ?Tlhakubele?.
POLELWANA YA 22
Leqepheng la 13, moleng wa 48, ka morao ho ? ho itlama ho? ho kenngwe ?efe kapa efe?
POLELWANA YA 23
Leqepheng la 14, moleng wa 11, ho tehelwe thoko ? foromo e laeleditsweng? e nkelwe sebaka ke ? sebopeho se tsepamisitsweng ke Bolaodi?
POLELWANA YA 24
Leqepheng la 14, moleng wa 47, ho tehelwe thoko ?ho latela karolwana ya ?
POLELWANA YA 29
Leqepheng la 15, moleng wa 42, ho tehelwe thoko ?Letona? mme hoo ho nkelwe sebaka ke ?lekgotla?,
POLELWANA YA 30
Leqepheng la 16, ho tloha moleng wa 9, tehela thoko diratswana (b), (c) le (d) mme di nkelwe sebaka ke :
b taba efe kapa efe e amanang le ho ralwa, kaho, tlhahiso, tokiso, ho fana ka mosebetsi o itseng, tlhokomelo le tshebetso ya thepa e tsamayang ya ralewa, moralo le diteishene;
c mabaka a botho le mahlale a hlokehang ;
d polokeho ya batho, ho kenyeleditswe batho ba holofetseng, ba palameng thepa e emeng kapa e tsamayang, moralong kapa seteisheneng;
Leqepheng la 16, ka morao ho mola wa 17, ho kenngwe:
f taba efe kapa efe e amanang le polokeho eo Letona le e bonang e hlokeha.
POLELWANA YA 31
Leqepheng la 16, ka morao ho mola wa 30, ho kenngwe:
h ditaba tsa tshireletso;
POLELWANA YA 32
Polelwana e hannwe.
POLELWANA YA 34
Leqepheng la 17, ho tloha moleng wa 10, ho tehelwe thoko karolwana ya mme e nkelwe sebaka ke:
Mohlahlobi wa polokeho wa ralewa neng kapa neng, a ka kena kapa a feta thepeng e tlasa taolo ya oporeitara e le ha a ntshetsa pele-
b tlhakiso ya mokgwa wa taolo ya polokeho ya oporeitara, ho latela tshebetso ya ralewa e etseditsweng monyetla tlasa tumello ya polokeho.
Leqepheng la 17, moleng wa 15 ho tehelwe thoko ?hodima?.
Leqepheng la 17, ho tloha moleng wa 15, ho tehelwe thoko mantswe ohle a latelang ?tsebiso? ho fihlela ho, le ho kenyeletsa ?hlokehang? moleng wa 17 hore e nkelwe sebaka ke: ho kena sebakeng sa thepa e tlasa taolo ya oporeitara
Leqepheng la 17, moleng wa 21, ho tehelwe thoko ?e nepahetseng? mme e nkelwe sebaka ke ?e sa nepahlang?.
Leqepheng la 17, ho tloha moleng wa 22, ho tehelwe thoko karolwana tsa le .
POLELWANA YA 39
Leqepheng la 18, ka morao ho mola wa 26, ho kenngwe:
Lekgotla le ka nna la qhalanya lesedi lefe kapa lefe leo lekgotla le nkang e le le molemong wa setjhaba.
POLELWANA YA 40
Leqepheng la 18, moleng wa 44 ho tehelwe thoko ?ho ka nna ha? e nkelwe sebaka ke ?ho loketse?
Leqepheng la 18, ka morao ho mola wa 48, ho kenngwe:
b diketsahalo tsa ralewa c ditaba tsa tshireletso d ditaba tsa bophelo bo botle mosebetsing le polokeho; ha mmoho le
POLELWANA YA 44
Leqepheng la 19, moleng wa 24, pele ho ?tshireletso? ho kenngwe ?ralewa?.
Leqepheng la 19, moleng wa 30, ho tehelwe thoko ?bakeng sa qeto e nngwe?
Leqepheng la 19, moleng wa 30 ka morao ho ?mohlahlobi? ho kenngwe ?ka qeto ya mohlanka ya ka sehlohong wa phethahatso?.
POLELWANA YA 45
Leqepheng la 19, moleng wa 43, ho tehelwe thoko ka morao ho ?mohlanka? ho kenngwe ?ka qeto ya lekgotla?
POLELWANA YA 46
Leqepheng la 20, ka morao ho mola wa 9, ho kenngwe:
Motho e mong le e mong ya tlolang molao kapa ya hlolehang ho ikamanya le karolo e nngwe le e nngwe ya Molao o molato ka tlolo ya molao.
Motho ya fumanwang a le molato ka tlolo ya molao ho latela karolwana ya 3
o loketswe ke kahlolo ya tefiso kapa ho hlola tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse hlano, kapa tsona di le pedi eleng tefo le ho hlola tjhankaneng.
POLELWANA YA 59
Leqepheng la 22 moleng wa 39, ho tehelwe thoko ?le? mme e nkelwe sebaka ke ?kapa?
TSE ELETSENG PELE
Leqepheng la 2, moleng wa 12, ka morao ho ?polokeho? ho kenngwe:
KANANELO ya hore polokeho ya ralewa e na le kamano le bophelo bo botle mosebetsing ha mmoho le polokeho le tshireletso;
KANANELO ya hore polokeho le ditaba tsa tshireletso di a amana mme bolaodi bo na le seabo sa bohlokwa tshebetsong e bolokehileng ya ralewa le seabo sa tshehetso bophelong bo botle mosebetsing ha mmoho le polokeho le tshireletso;
Leqepheng la 2 moleng wa 13, ho tehelwe thoko ? ba amehang? le ?polokeho? mme di nkelwe sebaka ke ? e nang le seabo se itseng?.
Leqepheng la 2, moleng wa 22, ho tehelwe thoko ? ya bona? mme e nkelwe sebaka ke ?ralewa?
Leqepheng la 2, moleng wa 24, ho tehelwe thoko ?polokeho ya ralewa? mme e nkelwe sebaka ke ?tshebetso e bolokehileng ya ralewa?.
Leqepheng la 2, moleng wa 25, ho tehelwe thoko ? ntlafatso? mme e nkelwe sebaka ke ?ntshetsopele ya ntlafatso ya?
